Tsa e hlahledisa serobeng sa ditshepe, di e qebile ka mautlana dinkong, tsa e isa ho morena wa Babilona; tsa e isa qhobosheaneng, hore lentswe la yona le se ke la hlola le utlwahala thabeng tsa Iseraele.
Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.
Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.
Ke tla di disa makgulong a matle, metebo ya tsona e tla ba dithabeng tse phahameng tsa Iseraele; di tla botha teng metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.
o tle o tsebe hoba nna, Jehova, ke utlwile dinyefolo tsohle tsa hao tseo o nyefotseng dithaba tsa Iseraele ka tsona, ha o itse: Di fetohile lefeella; di neilwe rona, hore e be dijo tsa rona.
Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.
Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.