Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Hobane le tla hlajwa ke dihlong ka baka la difate tsa dieike tseo le di thabelang, le tla nne le swabe ka baka la dirapa tsa difate tseo le kgahliswang ke tsona.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


Haele ba ba ikgethelang medimo, ba itlhatswang lirapeng, e mong kamora e mong, ba jang nama ya kolobe, le dijo tse manyala, le ditweba, ba tla timela hammoho, ho bolela Jehova.


Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang,


Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.


wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.


a re ho nna: Mora motho, ke yona nqalo ya terone ya ka, le moo bohato ba maoto a ka bo tla ema teng, e leng moo ke tla dula hara bana ba Iseraele ka ho sa feleng; ntlo ya Iseraele hae sa tla silafatsa lebitso la ka le halalelang, leha e le bona, leha e le marena a bona, ka ho boka ha bona le ka ditopo tsa marena a bona, le ka dinqalo tsa bona tse diphahameng.


Hlorong tsa dithaba ba etsa mahlabelo, hodima maralla ba tjhesa dibano, tseo ba di etsa katlase ho eike le poplare le terebinthe, hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka baka leo baradi ba lona ba iketsang diotswa, le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ