Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ya leng hole o tla shwa ke lefu la sewa, ya leng haufi a we ka lerumo; ya tla sala a ntse a bolokehile, o tla shwa ke tlala, mme ke tla phetha kgalefo ya ka ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ba hole ba tla bolawa ke lefu la sewa, ba haufi bona ba bolawe ka sabole, masalla a etseditsweng thibella a bolawe ke sekoboto. Ka mokgwa o jwalo ke tla phethahatsa kgalefo ya ka hodima bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:12
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


Ke tla romela lerumo hara bona, le tlala, le lefu la sewa, ba tle ba fele lefatsheng leo nkileng ka le neela bona le bontata bona.


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.


Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.


Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ