Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Morena Modimo o bua tjena: “Opang diatla, le tile ka maoto, le howeletse, le re: ‘Bomadimabe bona bo etsahala ka baka la mesebetsi e manyala ya ba ntlo ya Iseraele, hobane ba tla bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:11
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


Ke tla romela lerumo hara bona, le tlala, le lefu la sewa, ba tle ba fele lefatsheng leo nkileng ka le neela bona le bontata bona.


Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


Oho mora motho, o tle o iketsetse ditsela tse pedi tseo lerumo la morena wa Babilona le tla ya ka tsona; di tswe lefatsheng le le leng tse pedi, o ngole sesupatsela, o se ngole qalong ya tsela ya motse.


Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova: hase lefeela ha ke ne ke itse: Ke tla ba ntsha kotsi eo.


Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.


Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.


mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.


Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ