Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tla etsa ha hao seo ke esong ho se etse kae le kae, le seo nke keng ka hlola ke etsa se sekalo kae le kae, ka baka la manyala wohle a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ka lebaka la manyala ana a hao, ke tla o etsa seo ke esong ho se etse, seo nke keng ka hlola ke se etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 5:9
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.


Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.


Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke se ke entse lefatshe nahathothe le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng.


Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela.


Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ