Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 empa o entse bokgopo, o ikgantsheditse ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsa bahedene, o ikgantsheditse le dikomelo tsa ka ho feta dinaha tse mo teetseng hare, hobane ba lahlile ditaelo tsa ka, mme ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 5:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,


Empa ha ba ka ba utlwa, mme Manasse a ba kgelosa hore ba etse bobe, le ho fetisa ditjhaba tseo Jehova a neng a di timeditse pela bana ba Iseraele.


Marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le bontata rona, ha ba ka ba etsa ka molao wa hao, ha ba ka ba nahana ditaelo tsa hao le dikeletso tsa hao tseo o nnileng wa paka hara bona ka tsona.


Hape, ho buseng ha bona, leha o ne o ntse o ba sitsa ka melemo e mengata, mme o ba neile lefatshe le batsi, le enneng, ha ba ka ba o sebeletsa, mme ha ba ka ba sokoloha diketsong tse mpe tsa bona.


kganya ya bona ba e fetola setshwantsho sa kgomo e fulang jwang.


ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ho tla nne ho ise kae, le ntse le hana ho boloka taelo tsa ka le melao ya ka?


Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha?


Moaho wa hao o hara ba mano; manong a bona ba hana ho ntseba, ho bolela Jehova.


Ke hona le tla tseba hoba ke nna Jehova, lona le sa kang la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le sa kang la etsa ka melao ya ka, le mpileng la etsa ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare.


Le yena Samaria, ha a ka a etsa sekoto sa dibe tsa hao; wena, o atisitse manyala a hao ho feta yena, o lokafaditse banabeno ka manyala wohle a hao ao o a entseng.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.


re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.


Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.


Empa ba hanne ho mamela, ba satalatsa mahetla a bona; ba etsa ditsebe tsa bona boima, hore ba se ke ba mamela;


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ