Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O tle o tjhese boraro ba wona mollong, hara motse, ha ho se ho phethehile ditshiu tsa thibello; o boele o nke boraro ba wona, o bo hlabe ka lerumo, o ntse o pota motse; boraro bo bong ba wona o bo akgele moyeng, ke tle ke bo phallele ke tsomotse lerumo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 5:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ke tla ba qhalanya jwaloka mooko o kgoholwang ke moya wa lefeella.


Etlere ha ba re ho wena: Ana re tswele kae? O ba fetole, o re: Ho itswe ke Jehova: Ba loketsweng ke lefu ba tswele lefung, ba loketsweng ke lerumo ba tswele lerumong, ba loketsweng ke tlala ba tswele tlaleng, ba loketsweng ke kgoleho ba tswele kgolehong.


Ke tla romela lerumo hara bona, le tlala, le lefu la sewa, ba tle ba fele lefatsheng leo nkileng ka le neela bona le bontata bona.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.


Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.


Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.


Haele bohle ba mo teetseng hare, le metlatsetsa ya hae, le makgotla a hae, ke tla ba qhalanyetsa meyeng yohle, ke ba phallele ke tsomotse lerumo.


Haele ba balehileng bohle ba makgotla wohle a hae, ba tla dihuwa ke lerumo, masala a bona a qhalanyetswe meyeng yohle; le tle le tsebe hoba ho buile nna Jehova.


Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Moriring oo, o tla nka qoba di se kae, o tla di tlamella melekeng ya kobo ya hao;


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.


Lefatsheng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse pedi tsa batho ba teng di tla kgaolwa, di timele, ya boraro e sa le teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ