Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke mohla ke tla ba romela metsu e mebe ya tlala e timetsang, eo ke tla e romela ho le timetsa ka yona; le mohla ke tla le bokellela tlala, ke robe le kotlo ya bohobe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ha ke o fula ka metsu e bohloko ya sekoboto, e leng metsu e timetsang, ke tla o fula hore ke o timetse. Sekoboto se tla o wela hodimo, se nne se eketsehe, dijo tsa hao ke di fokotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 5:16
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


o mo phosetsa metsu e bolayang, metsu e tukang.


Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;


Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.


A fula ka seqha sa hae, a mpea sebeo sa motsu.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,


Hoo e tla ba sekgobo le nyediso, thuto le makatso pontsheng ya ditjhaba tse o teetseng hare, mohla ke o hlahisetsang dikahlolo ka bohale, le ka kgalefo, le ka dikgalemelo tse bohloko. Ke nna Jehova ke buang taba tsena.


ke le romele le tlala le dilalome tse mpe tse tla le hlokisa bana; le mohla lefu la sewa le madi di tla tsamaya ha hao, ke o tlisetse lerumo. Ke nna Jehova ke buang jwalo!


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ