Ezekiele 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Ke hona Morena Jehova a reng: Ka nna ya phelang, erekaha o silafaditse sehalalelo sa ka ka tsohle tsa hao tseo ke di ilang le ka manyala wohle a hao, le nna ke tla o kgaola, leihlo la ka le sa o qenehele, ke sa o hauhele le hanyenyane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE11 “Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |