Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke karolo eo le tla e arolela le ho e abela Jehova, e bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bolelele bo lekanang le karolo tse ding, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela; sehalalelo se tla ba teng mahareng a yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


Ho setseng e tla ba ha morena, ka kwano le ka kwana ho karolo e arotsweng, e halalelang, le ho naha e ruilweng ke motse, maloka le karolo e ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano e arotsweng ka nqa moeding wa botjhabela, le maloka le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka nqa bophirimela, ho isa moeding wa bophirimela, maloka le dikarolo; e tla ba naha ya morena; karolo e arotsweng e halalelang, hammoho le sehalalelo sa ntlo, di tla ba mahareng a naha eo.


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Karolo eo le tla e arolela, le ho e abela Jehova, e tla ba bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le bophara bo ditswe tse kete tse leshome.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.


Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Anathema ha e sa tla hlola e eba teng; se leng hona teng ke terone ya Modimo le ya Konyana, mme bahlanka ba wona ba tla o sebeletsa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ