Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 “Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:35
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


hobane Davida o ne a itse: Jehova, Modimo wa Iseraele, o neile setjhaba sa hae phomolo, mme o tla aha Jerusalema ka ho sa feleng;


Mona ke nqalo ya phomolo ya ka ka ho sa feleng; ke rata ho aha teng; hobane ke ikgethetse yona.


Modimo o mahareng a wona; o ke ke wa sisinyeha; o fuwa thuso ke Modimo e sa le mafube a meso.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Oho Modimo, tsela ya hao e a halalela. Modimo ke ofe o moholo, o jwaloka Modimo wa rona?


Taba tsa kganya di boletswe hodima hao, motse wa Modimo. (Sela.)


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Mehleng eo, Jerusalema e tla bitswa terone ya Jehova; ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ka baka la lebitso la Jehova; mme ha di sa tla tsamaya ka bothata ba dipelo tse mpe tsa tsona.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?


Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.


Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.


Ka nqa bophirimela, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng ho na le menyako e meraro; monyako o mong ke wa Gade, monyako o mong ke wa Asere, monyako o mong ke wa Nefthali.


Ke tla phetetsa madi a bona ao ke esong ho a phetetse; mme Jehova o tla aha Sione.


Le dipitsa tsohle tsa Jerusalema le tsa Juda e tla ba ntho tse kgethetsweng Jehova wa makgotla; bohle ba etsang mahlabelo ba tla tla ba nke ho tsona, ba be ba apehe ka tsona; mme ha ho sa tla hlola ho eba Mokanana tlung ya Jehova wa makgotla, ka tsatsi leo.


Duduetsa ka thabo, o nyakalle, wena moradi wa Sione, hobane ke se ke ya tla, ke dule kahare ho wena, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Anathema ha e sa tla hlola e eba teng; se leng hona teng ke terone ya Modimo le ya Konyana, mme bahlanka ba wona ba tla o sebeletsa;


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ