Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Menyako ya motse e tla reellwa meloko ya Iseraele; ka nqa leboya, ke menyako e meraro; o mong ke monyako wa Rubene, o mong ke monyako wa Juda, o mong ke monyako wa Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Dikgoro tsena di tla reellwa merabe ya Iseraele. Tse tharo, tse ka leboya, di tla bitswa Kgoro ya Rubene, le Kgoro ya Juda, le Kgoro ya Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:31
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Ke tla haha ditora tsa hao ka rubise, le menyako ya hao ka agate, le marako a hao kaofela ka mahakwe a bohlokwa.


Menyako ya hao e tla dula e butswe kamehla; e ke ke ya kwalwa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tliswe ho wena maruo a ditjhaba, le marena a tsona.


Meedi ya motse ke ena: ka nqa leboya, tekanyo ya teng ke ditswe tse kete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.


Ka nqa botjhabela, tekanyo ke ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; teng, ho na le menyako e meraro; o mong ke monyako wa Josefa, o mong ke monyako wa Benjamine, o mong ke monyako wa Dane.


Menyako e leshome le metso e mmedi ke diperela tse leshome le metso e mmedi; monyako o mong le o mong o entswe ka perela e le nngwe; lepatlelo la motse lona ke kgauta e ntle jwaloka seipone se bonaletsang.


Menyako ya wona e ke ke ya kwalwa motshehare, etswe bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ