Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho setseng e tla ba ha morena, ka kwano le ka kwana ho karolo e arotsweng, e halalelang, le ho naha e ruilweng ke motse, maloka le karolo e ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano e arotsweng ka nqa moeding wa botjhabela, le maloka le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka nqa bophirimela, ho isa moeding wa bophirimela, maloka le dikarolo; e tla ba naha ya morena; karolo e arotsweng e halalelang, hammoho le sehalalelo sa ntlo, di tla ba mahareng a naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 “Sebaka se setseng ka mahlakoreng a mabedi a karolo e kgethehileng, le se setseng kathoko ho setsha sa motse, se tla abelwa kgosana. Ho tloha sebakeng se kgethehileng, sebaka seo se tla namela moeding o ka botjhabela, se be se namele le moeding o ka bophirimela. Dibaka tsena tse pedi, tse ikgohlileng ka meedi ya naha e abetsweng merabe, e tla ba tsa kgosana, mme sebaka se kgethehileng, se nang le Tempele, se tla ba bohareng ba dibaka tsena tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Karolo eo e arotsweng, e halalelang, e tla ba ya baprista; ka nqa leboya, e tla ba bolelele bo ditswe tse kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; ka nqa bophirimela, e be bophara bo ditswe ke kete tse leshome; ka nqa botjhabela le leng e be bophara bo ditswe tse kete tse leshome; ka nqa borwa, e be bolelele bo ditswe tse kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; sehalalelo sa Jehova se tla ba mahareng a naha eo.


Karolo yohle e arotsweng e tla ba bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; le tla arola karolo e ajwang, e halalelang, e lekaneng mahlakoreng a mane a yona, hammoho le naha e tla ruwa ke motse.


Ho tloha naheng e ruilweng ke Balevi le ho e ruilweng ke motse, e leng karolo tse mahareng a naha ya morena, sebaka se tlohang moeding wa Juda ho ya fihla moeding wa Benjamine, e tla ba sa morena.


Moeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke karolo eo le tla e arolela le ho e abela Jehova, e bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bolelele bo lekanang le karolo tse ding, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela; sehalalelo se tla ba teng mahareng a yona.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ