16 Tekanyo tsa motse oo ke tsena: lehlakore le ka nqa leboya le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa borwa le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa botjhabela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa bophirimela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano.
16 Ditekanyo tsa motse e tla ba tsena: Bolelele ba wona bo tla lekana le bophara ba wona, e be dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano.
Mme motse o tla ba le kekeletso e ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano ka nqa leboya; ka nqa borwa, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; ka nqa botjhabela, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; ka nqa bophirimela, e nngwe e be ditswe tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano.
Motse o na le dikgutlo tse nne; bolelele ba wona bo lekana le bophara ba wona; ha o se o lekanntswe ka leqala, ha fihlelwa ho le stadia tse dikete tse leshome le metso e mmedi; bolelele, le bophara, le bophahamo ba wona bo a lekana.