Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Karolo eo e halalelang e tla ba ya baprista, bara ba Tsadoke, ba nnileng ba boloka seo ke neng ke se beile ho bona, ba sa kang ba kgeloha, mohla bana ba Iseraele ba kgelohang, le mohla Balevi le bona ba kgelohang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Sebaka sena e tla ba sa baprista ba tlotsitsweng, bao e leng ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba boloka taelo ya ka, ba sa kang ba kgeloha ha bana ba Iseraele ba kgeloha, jwalokaha Balevi ba ile ba kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova.


haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.


O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.


Haele Balevi ba mphuruletseng mohla Baiseraele ba kgelohang, ba nkgelohang ho ya latela ditshwantsho tsa bona, ba tla jara bokgopo ba bona.


Hobane ba kile ba ba etsetsa tshebeletso ya ditshwantsho tsa bona, ya eba kgopiso ya bokgopo ho ntlo ya Iseraele; ka baka leo, nkile ka ba emisetsa letsoho la ka, ho bolela Morena Jehova, mme ba tla jara bokgopo ba bona.


Ke yona karolo ya naha e tla kgethwa; e tla ba ya baprista ba tla sebetsa mosebetsi wa sehalalelo, ba atamelang ho etsa tshebeletso ya Jehova; e tla ba setsha sa matlo a bona le nqalo e kgethehileng ya ho haha sehalalelo.


Ba tla ba le karolo eo e leng ya bona naheng eo e abetsweng Jehova, e tla ba e halaledisisang, pela moedi wa Balevi.


Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.


Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ