Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A re ho nna: Metsi ao a ikela naheng e ka nqa botjhabela, a tla theohela lefeelleng, a ntoo kena lewatleng; etlare hobane a itshollele lewatleng, metsi a lewatle a tla hlapholoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,


Naha e tshehla e tla thaba, le lona lefatshe le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele dipalesa jwaloka leshoma.


Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.


Mahwatata a mahlabathe a tla fetoha matsha a metsi, naha e omeletseng e be le didiba tsa metsi, setsha sa diphokojwe, moo mesima ya tsona e neng e le teng, e tla ba setsha sa moseme le lodi.


Dibatana tsa naha, le diphokojwe, le dimpshe di tla nteboha, hobane ke hlahisitse metsi naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng, ho nosa setjhaba sa ka seo ke ikgethetseng sona.


o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe].


Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.


hammoho le lehwatata lohle le mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi, ho isa Lewatleng la Lehwatata, tlasa Pisga.


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ