Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Eitse ha monna eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a ena le kgwele letsohong la hae; mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete, a ntshedisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:3
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntlisa hona teng; teng ka bona monna eo ponahalo ya hae e neng e ka ponahalo ya koporo, a tshwere kgwele ya line letsohong la hae le thupa ya ho lekanya, a eme monyako.


Yaba o nntshetsa ntle ka tsela ya monyako wa leboya, a ntsamaisa ho pota ntlo ka tsela e kantle, ho ya fihlela monyakong o isang kantle, ho leba ka nqa botjhabela; ka bona metsi a phallela a etswa ka ho le letona.


A boela a lekanya ditswe tse sekete, a boela a ntshedisa metsi; metsi a fihla mangweleng. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a ntshedisa; teng metsi a ne a fihla lethekeng.


Ka boela ka emisa mahlo a ka, mme ka bona monna ya tshwereng kgwele ya ho lekanya letsohong la hae.


haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.


Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.


Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.


Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ