Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka nqa bophirimela, ke Lewatle le Leholo, ho tloha moeding o maloka le tsela ya Hamathe. Ke oo moedi ka nqa bophirimela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 “Ka bophirimela Lewatle le Leholo e tla ba lona moedi ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka bophirimela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:20
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, Salomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng, a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata, ho tloha pela Hamathe, ho tlisa molapong wa Egepeta.


ke Hamathe, Berotha, Sibraime, o mahareng a moedi wa Damaseka le moedi wa Hamathe; hape, ke Hatsere-Hatthikone o moeding wa Haurane.


Le tla arolelana lefatshe leo ka ho ya ka meloko ya Iseraele.


Mabitso a meloko ke ana: Ho tloha pheletsong e ka nqa leboya ho isa pela tsela ya Hethlone, ho ya nqa Hamathe, le ho tloha Hatsare-Enone, moeding wa Damaseka ka nqa leboya ho ya fihla pela Hamathe, le ho nka botjhabela ho leba bophirimela, ke naha ya Dane.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, o re: Lona ba ntlo ya Iseraele, bonang, ke ya le tsosetsa setjhaba se tla le hlorisa ho tloha Hamathe, ho isa nokeng ya lesabasaba.


Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ