Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ka nqa borwa, ho leba nqa tlase, moedi o tla tloha Thamare ho isa metsing a Meribothe-Kadeshe, o ye le nokana, mme o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo. Ke oo moedi ka nqa borwa, ka nqa katlase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:19
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.


le Baalathe, le Thadmore, feelleng, naheng ya hae;


Josafate a behelwa, ha thwe: O futuhelwa ke sera se seholohadi, se tswang Siria mose wane ho lewatle; e se e le bana Hatsatsone-Thamare, e leng Ene-Gedi.


Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)


Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona.


Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.


Meedi ya lefatshe leo ke ena: Ka nqa leboya, moedi o ya tloha Lewatleng le Leholo, ho leba ka nqa Hethlone, le ho ya Tsedade;


Moedi wa Gade, ka nqa borwa, katlase, ke wona moedi; ho tloha Thamare, ho ya fihla metsing a Meriba-Kadeshe, moedi wa lefa o tla ya le nokana, o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.


Ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba hanyeditseng Jehova; ke hona moo a ikgalaleditseng ka ho bona.


Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela;


ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.


kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.


Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;


O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ