Ezekiele 47:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Haele matsha le mehlaka ya teng e sa hlapholohang, e tla nne e be letswai. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE11 Empa metsi a mekgwabo le a mehlaka a ke ke a hlapoloha, a tla nne a be letswai. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.