Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:10
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.


Josafate a behelwa, ha thwe: O futuhelwa ke sera se seholohadi, se tswang Siria mose wane ho lewatle; e se e le bana Hatsatsone-Thamare, e leng Ene-Gedi.


Lewatleng le leholo leo, le phatlaletseng, ho tletse dihlapi tse sa balweng, tse nyenyane le tse kgolo.


Ba tshwasang dihlapi ba tla lla, bohle ba akgelang selope nokeng ba bokolle, ba dihelang letlowa hodima metsi ba tsielehe.


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Bana ba hao, bao o neng o amohilwe bona, ba tla pheta polelo ena ditsebeng tsa hao, ba re: Setsha sena se patisane; mphe sebaka, ke tle ke ikahele.


Ke tla o etsa lefika le hlobotseng; o tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona: ha o sa tla tsoswa; hobane ho buile nna Jehova: ho rialo Morena Jehova.


O tla fetoha nqalo eo ho alwang matlowa ho yona hara lewatle, hobane ho boletse nna: ho rialo Morena Jehova; o tla neelwa ho tlatlapuwa ke ditjhaba.


Meedi ya lefatshe leo ke ena: Ka nqa leboya, moedi o ya tloha Lewatleng le Leholo, ho leba ka nqa Hethlone, le ho ya Tsedade;


Ka nqa borwa, ho leba nqa tlase, moedi o tla tloha Thamare ho isa metsing a Meribothe-Kadeshe, o ye le nokana, mme o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo. Ke oo moedi ka nqa borwa, ka nqa katlase.


Moedi wa Gade, ka nqa borwa, katlase, ke wona moedi; ho tloha Thamare, ho ya fihla metsing a Meriba-Kadeshe, moedi wa lefa o tla ya le nokana, o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo.


Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.


A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.


Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.


Nibshane, Ire-Hammela, le Ene-Gedi: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona.


Bonang, ke le laoletse naha ya ditjhaba tsena tse setseng e tle e be lefa la meloko ya lona, ho tloha Jordane, le ya ditjhaba tsohle tseo le di timeditseng, ho isa Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela.


Yaba Davida o tloha teng, a ya diqhobong tsa Ene-Gedi.


Saule, ha a kgutla ho phallela Bafilesta, a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o feelleng la Ene-Gedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ