Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 46:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haele setjhaba, ha se etla pela Jehova ka diphutheho tse mahlonoko tsa sona, ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa leboya ho tla kgumama, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa borwa; mme ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa borwa, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa leboya; ba se ke ba kgutla ka tsela ya monyako oo ba keneng ka wona, ba mpe ba tswe ka monyako o leng maloka le bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “ ‘Ha setjhaba se etla pela Morena, mohla mekete e halalelang, motho ya keneng ka kgoro e ka leboya ho tla kgumamela Morena, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka borwa; ya keneng ka kgoro e ka borwa, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka leboya. Ha ho motho ya tla tswa ka kgoro eo a keneng ka yona; e mong le e mong o tla tswa ka kgoro e tadimaneng le eo a keneng ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 46:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.


Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.


Di ne di tsamaya se seng le se seng se lokile tsela, di ya moo moya o ratang ho ya; ho tsamayeng ha tsona, di ne di sa tswedipane.


Ho tsamayeng ha wona, a ne a tsamaya ka dintlha tse nne tsa wona; ho tsamayeng ha wona, a ne a sa bidikane.


Jwaloka mehlape ya dinku tse kgethetsweng mahlabelo, e leng mehlape ya Jerusalema diphuthehong tsa teng tse mahlonoko, ka mokgwa o jwalo, metse e timeditsweng e tla tlala mehlape ya batho, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Yaba o ntsamaisa ka nqa borwa; mme ka bona monyako ka nqa borwa; a lekanya ditshiya tsa wona le marako a wona ka tsona tekanyo tseo.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


A ntoo nkisa monyako wa ntlo ya Jehova o lebileng nqa leboya, mme ka bona basadi ba dutse teng, ba llela Tammuse.


Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng?


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ