Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 46:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 46:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo, nna ke mang, mme ntlo ya ka keng, ha u ntlisitse ho fihla mona?


ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Eitse hobane setjheso se qetellwe ho hlahiswa, morena le bohle bao a nang le bona ba inama, mme ba kgumama.


morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.


Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,


Yaba o lekanya bophara bo tlohang monyakong o katlase ho isa kapele ho lebala le kahare, kantle ho lona, e le ditswe tse lekgolo ka nqa botjhabela le ka nqa leboya.


Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato.


Haele morena, morena yena o tla dula teng ho jela bohobe teng pela sefahleho sa Jehova. O tla kena ka tsela ya mathule a monyako, a boele a tswe ka tsela yona eo.


Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa sebe, a a bee dikoseneng tsa monyako wa ntlo; le dintlheng tse nne tsa moqhaka wa aletare, le dikoseneng tsa monyako wa lebala le kahare.


Etlere ha morena a etsa sehlabelo ka ho rata, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa teboho, ho se etsetsa Jehova, e le sehlabelo sa ho rata, a ke a bulelwe monyako o tadimileng botjhabela, mme setjheso sa hae, kapa sehlabelo sa hae sa teboho, se etswe jwalokaha ho etswa ka letsatsi la Sabatha; a ntoo tswa, mme monyako o kwalwe, ha a tswile.


Etlere ha morena a kena, a kene ka tsela ya mathule a monyako, mme a boele a tswe ka yona tsela eo.


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ