Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 46:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 46:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme o etse mosebetsi wa hao kaofela.


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Haele dikerubime, di ne di eme ka nqa ho le letona ho tempele, ha monna eo a etla, mme leru le ne le tletse lebala le kahare.


Yaba o lekanya bophara bo tlohang monyakong o katlase ho isa kapele ho lebala le kahare, kantle ho lona, e le ditswe tse lekgolo ka nqa botjhabela le ka nqa leboya.


Yaba o ntlisa monyakong, monyakong o lebileng ka nqa botjhabela,


Etlere ha morena a etsa sehlabelo ka ho rata, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa teboho, ho se etsetsa Jehova, e le sehlabelo sa ho rata, a ke a bulelwe monyako o tadimileng botjhabela, mme setjheso sa hae, kapa sehlabelo sa hae sa teboho, se etswe jwalokaha ho etswa ka letsatsi la Sabatha; a ntoo tswa, mme monyako o kwalwe, ha a tswile.


Setjhaba sa lefatshe se tla kgumama pela monyako oo ka Disabatha, leha e le ha kgwedi e thwasitse, pela Jehova.


Tsatsing la kgwedi ha e thwasa, e tla ba pohwana e se nang sekodi, le dikonyana tse tsheletseng le pheleu; e tla ba tse se nang sekodi.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ