Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 E tla ba yona naha ya hae, leruo la hae Iseraeleng; mme marena a setjhaba sa ka ha a sa tla tuba setjhaba sa ka, a mpa a tla nea ntlo ya Iseraele naha, ka ho ya ka meloko ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Lena e tla ba lefa la kgosana naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka di ke ke tsa hlola di hatella setjhaba sa ka, mme naha e setseng di tla e arolela ba ntlo ya Iseraele ho ya ka merabe ya bona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Ya hodisa ngwana e mong wa yona; eo yaba e ba tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona, ya eja le batho.


Ya heletsa matlo a bona a borena, ya senya metse ya bona; lefatshe le tsohle tse ho lona tsa fetoha lesupi ka lentswe la yona le purumang.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.


Morena a se ke a nka letho mafeng a setjhaba, ka ho ba leleka ho tseo ba di ruileng. O tla nka tseo a di ruileng ho etsa lefa la bara ba hae, hore bo se ke ha eba motho setjhabeng sa ka ya lelekwang ho tseo a di ruileng.


Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!


Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?


Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.


Eitse hobane ba qetelle ho arola naha ho e etsa lefa la bona, ka meedi ya bona, bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora Nune, lefa hara bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ