Ezekiele 45:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ho ntoo lekanngwa sebaka sa ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano boleleleng le sa ditswe tse kete tse leshome bophareng; e tla ba sa Balevi; haele ba etsang tshebeletso ya ntlo, ba tla rua dikamore tse mashome a mabedi ho yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE5 Karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara ba dikilomethara tse hlano, e tla ba ya Balevi ba sebeletsang ka Tempeleng. Ke ya bona, ke moo ba tla haha metse ya bona teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Karolo eo e arotsweng, e halalelang, e tla ba ya baprista; ka nqa leboya, e tla ba bolelele bo ditswe tse kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; ka nqa bophirimela, e be bophara bo ditswe ke kete tse leshome; ka nqa botjhabela le leng e be bophara bo ditswe tse kete tse leshome; ka nqa borwa, e be bolelele bo ditswe tse kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; sehalalelo sa Jehova se tla ba mahareng a naha eo.
Haele Balevi, bona ba tla ba le naha e bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le bophara bo ditswe tse dikete tse leshome, moeding wa baprista. Bolelele bohle bo tla ba ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e be ditswe tse dikete tse leshome.