Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke yona karolo ya naha e tla kgethwa; e tla ba ya baprista ba tla sebetsa mosebetsi wa sehalalelo, ba atamelang ho etsa tshebeletso ya Jehova; e tla ba setsha sa matlo a bona le nqalo e kgethehileng ya ho haha sehalalelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Karolo ena e halalelang ya naha e tla abelwa baprista, e leng basebeletsi ba Sehalalelo, ba atamelang kapele ho Morena ho mo sebeletsa. E tla ba setsha sa matlo a bona le setsha se halalelang sa Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho nna: Kamore eo e tadimileng nqa borwa ke ya baprista ba lebelang ntho tsa ntlo;


haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.


O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.


Ba tla ba le lefa; lefa la bona ke nna; le se ke la ba nea leruo la naha Iseraeleng; leruo la bona ke nna.


Etlare ha le aba lefatshe ho etsa mafa, le arolele Jehova karolo, karolo e kgethehileng ya naha; e be bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mahlano, le bophara bo ditswe tse kete tse leshome; e tla halalela hohle ho isa moeding wa yona.


Ka ho ya ka tekanyo eo, o tla lekanya sebaka se bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mene le bophara bo ditswe tse dikete tse leshome; bakeng seo, ho tla ema sehalalelo seo e leng sehalaledisiso.


Moeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke karolo eo le tla e arolela le ho e abela Jehova, e bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bolelele bo lekanang le karolo tse ding, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela; sehalalelo se tla ba teng mahareng a yona.


Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ