Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa sebe, a a bee dikoseneng tsa monyako wa ntlo; le dintlheng tse nne tsa moqhaka wa aletare, le dikoseneng tsa monyako wa lebala le kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:19
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tloha fatshe ho sedulo ho isa mothating o katlase, ho na le ditswe tse pedi, bophara bona bo le setswe se le seng; ho tloha mothating o monyenyane ho isa mothating o moholo, ho le ditswe tse nne, bophara bo le setswe se le seng.


Mothati o na le bolelele bo tswe tse leshome le metso e mene meetseng ya wona e mene; moqhaka wa wona o o potolohang o le halofo ya setswe, mme sedulo sa wona se le setswe se le seng kahohle; haele methatinyana ya ho nyoloha, e ne e lebile ka nqa botjhabela.


O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.


O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.


Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.


Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.


Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ