Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho ntshwe nku e le nngwe ho tse makgolo a mabedi naheng e noseditsweng ya Iseraele, ho etsa dinyehelo, le ditjheso le mahlabelo a teboho, ho ba etsetsa pheko ka tsona: ho bolela Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molao bakeng sa ole, bakeng sa bathe ya ole, ke hore ho ntshwe karolo ya leshome ya bathe ka kore, eo e leng homere ya bathe tse leshome, etswe bathe tse leshome di etsa homere.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


O tla boela o etse jwalo ka la bosupa la kgwedi ka baka la ya fositseng le ka baka la sethoto, mme le tla etsetsa ntlo pheko.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.


Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!


mme a busetse hammoho ho Modimo ba bang le ba bang, e le mmele o le mong, ka sefapano sa hae, ha a bolaile hloyano ka sona.


Le lona, le neng le le hole pele, le neng le sa le dira ka mehopolo le ka mesebetsi e mebe,


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ