Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Etlare ha le aba lefatshe ho etsa mafa, le arolele Jehova karolo, karolo e kgethehileng ya naha; e be bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mahlano, le bophara bo ditswe tse kete tse leshome; e tla halalela hohle ho isa moeding wa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “ ‘Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


A lekanya lehlakore le ka nqa botjhabela ka thupa ya ho lekanya, e le ditswe tse makgolo a mahlano tsa thupa e lekanyang.


Ke leo lefatshe leo le tla le arola ka lotho, hore e be lefa la meloko ya Iseraele; ke tseo dikarolo tsa yona: ho bolela Morena Jehova.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.


Bohle ba ahileng sehlabeng, ho tloha Lebanone ho isa Misrefothe-Maime, Basidone kaofela,


ke tla ba leleka pela bana ba Iseraele; feela, o nne o abe dinaha tseo ka ho di laola ka lotho, e be lefa la Baiseraele, jwalokaha ke o laetse. O abe naha eo, e be lefa la meloko e robileng mono o le mong hammoho le la mothapo o mong wa leloko la Manasse.


Ke wona mafa ao bana ba Iseraele ba ileng ba a rua fatsheng la Kanana, ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba ba abetseng wona ho ba lefa la bona;


lefa leo la meloko e robileng monwana o le mong le la mothapo o mong wa leloko le leng, la laolwa ka lotho, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.


Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ