Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 44:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ha ho mora wa moditjhaba, eo e leng leqai pelong le leqai nameng, ya tla kena sehalalelong sa ka; ke bolela bara ba baditjhaba ba dutseng hara bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 44:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?


Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,


Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.


Ekare ha motho wa moditjhaba a aheletse ho wena, mme a rata ho etsetsa Jehova Paseka, e ka kgona a bolotse ba batona kaofela ba ho yena, e be hona a atamelang ho e etsa; a tshwane le ya tswaletsweng hae, hobane ya sa bollang a ke ke a e ja.


ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,


Le dipitsa tsohle tsa Jerusalema le tsa Juda e tla ba ntho tse kgethetsweng Jehova wa makgotla; bohle ba etsang mahlabelo ba tla tla ba nke ho tsona, ba be ba apehe ka tsona; mme ha ho sa tla hlola ho eba Mokanana tlung ya Jehova wa makgotla, ka tsatsi leo.


Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa.


kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ