Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 44:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 44:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.


Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.


Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka.


Jwale, monyako wa lebala le kantle, o lebileng ka nqa leboya, a lekanya bolelele ba wona le bophara ba wona;


Yaba o nkenya ka monyako wa leboya, a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo.


Kathoko, kantle, ka nqa leboya ho moo ho neng ho nyolohelwa teng monyakong, ho ne ho le tafole tse pedi; kahosele, maloka le mathule a monyako, ho le tafole tse ding tse pedi.


A ntoo nkisa monyako wa ntlo ya Jehova o lebileng nqa leboya, mme ka bona basadi ba dutse teng, ba llela Tammuse.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ