Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 44:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o boela a ntlisa monyakong wa sehalalelo o kantle, o tadimileng ka nqa botjhabela; mme o ne o kwetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 44:1
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


Josafate a ema phuthehong ya Juda le Jerusalema, tlung ya Jehova, pela mathule a matjha, a re:


A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.


A etsa le lebala la baprista, le lebala le leholo, le menyako ya lona, a maneha mamati a lona ka koporo.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.


Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.


Yaba o ntlisa monyakong, monyakong o lebileng ka nqa botjhabela,


Mme kganya ya Jehova ya kena tlung, ka tsela ya monyako o tadimileng ka nqa botjhabela.


Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.


Etlere ha morena a etsa sehlabelo ka ho rata, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa teboho, ho se etsetsa Jehova, e le sehlabelo sa ho rata, a ke a bulelwe monyako o tadimileng botjhabela, mme setjheso sa hae, kapa sehlabelo sa hae sa teboho, se etswe jwalokaha ho etswa ka letsatsi la Sabatha; a ntoo tswa, mme monyako o kwalwe, ha a tswile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ