Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:3
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.


Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka.


Mora motho, bobola ka bongata ba batho ba Egepeta, o theolele Egepeta le baradi ba ditjhaba tse tumileng lefatsheng le katlase, hammoho le ba theohelang sehokong.


Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.


Mme bonang, kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona teng, eka eo ke neng ke e bone kgohlong.


Yaba o nkgoweletse ditsebeng ka ho tlerola, a re: Atametsang ba tlang ho otla motse, e mong le e mong a be le seo a tla senya ka sona letsohong la hae.


Ha ho le jwalo, le nna leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ya bona dihloohong tsa bona.


Yaba kganya ya Modimo wa Iseraele e tloha kerubimeng eo e neng e e okametse, ya ya mohatong wa monyako wa ntlo. Jehova a memetsa motho ya apereng lene, ya nang le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae,


Yaba o re ho bona, ke ntse ke utlwa: Pholletsang ka motse kamora hae, le hlabake; mahlo a lona a se ke a qenehela, le hloke mohau;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ