Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ba fele ba qetele matsatsi ao, mme ka la boroba meno e le mmedi le ka a hlahlamang, baprista ba tla hlaba mahlabelo a lona a ditjheso le a teboho aletareng, mme ke tla kgahlwa ke lona: ho bolela Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Qetellong ya matsatsi ana, ho tloha ka letsatsi la borobedi, baprista ba tla etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso le dinyehelo tsa lona tsa teboho hodima aletare, mme ke tla le amohela, ho rialo Morena Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:27
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.


Ka matsatsi a supileng, ba tla phekola aletare, ba e hlwekise, ba e kgethe.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.


hore bana ba Iseraele, bakeng sa ho hlabela dintho tsa bona naheng, ba di tlise ho moprista pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme ba di hlahisetse Jehova, e be mahlabelo a teboho.


Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Moshe a bitsa Aarone, le bara ba hae, le baholo ba Iseraele, a re ho Aarone:


le nke le kgomo le pheleu tsa sehlabelo sa teboho, tse tla hlajwa pela Jehova; le nke le nyehelo e dubilweng ka ole; hobane kajeno, Jehova o tla iponahatsa ho lona.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ