Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nke madi a poho o a bee manakeng a aletare ka monwana; madi a mang kaofela o a tshollele fatshe pela aletare.


Hape, ka tsatsi le leng le le leng, o tla hlaba poho ya sehlabelo sa sebe ho etsa pheko; o tla hlwekisa aletare ka ho e etsetsa pheko, o e tlotse hore o tle o e kgethele tshebeletso.


Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


Ho tloha fatshe ho sedulo ho isa mothating o katlase, ho na le ditswe tse pedi, bophara bona bo le setswe se le seng; ho tloha mothating o monyenyane ho isa mothating o moholo, ho le ditswe tse nne, bophara bo le setswe se le seng.


Ka tsatsi la bobedi, o tla hlaba phooko e hlokang sekodi, e be sehlabelo sa sebe, ho hlatsuwe jwalo aletare, jwalokaha e hlatswitswe ka poho.


Ka matsatsi a supileng, ba tla phekola aletare, ba e hlwekise, ba e kgethe.


Morena Jehova o re: Kgweding ya pele, ka tsatsi la ho qala la kgwedi, o tla nka pohwana e se nang sekodi, ka yona o hlatswe sehalalelo.


Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa sebe, a a bee dikoseneng tsa monyako wa ntlo; le dintlheng tse nne tsa moqhaka wa aletare, le dikoseneng tsa monyako wa lebala le kahare.


Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;


o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.


Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso.


Moprista o tla nka madi a mang a yona ka monwana, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso; madi a setseng kaofela o tla a tshollela fatshe aletareng.


Moprista o tla nka ka monwana wa hae madi a mang a nku, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng kaofela a ntoo a a tshollela fatshe aletareng.


A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.


Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.


Bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi; a qopetsa monwana wa hae mading, a a bea manakeng a aletare; a ntoo tshollela fatshe aletareng madi a setseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ