Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mothati o na le bolelele bo tswe tse leshome le metso e mene meetseng ya wona e mene; moqhaka wa wona o o potolohang o le halofo ya setswe, mme sedulo sa wona se le setswe se le seng kahohle; haele methatinyana ya ho nyoloha, e ne e lebile ka nqa botjhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka majwe ana, a haha aletare ka lebitso la Jehova, a tjheka moedi o potang aletare, o lekanang sebaka se ka jalwang ka peo e ditekanyo tse pedi.


Monyako wa dikamore tse hare o ne o le lehlakoreng le letona la ntlo; ho ne ho nyolohelwa kamoreng tse hare ka methatinyana e matswedintsweke, mme ho ne ho kenwa dikamoreng tse boraro, ha ho tsuwa ho tse hare.


Yaba Joshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Bunni, Sherebia, Bani, le Kenani, ba ema sethaleng sa Balevi, ba howeletsa ho Jehova, Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.


O se ke wa hlwa aletareng ya ka ka methati hore bofeela ba hao bo se ke ba apoha teng.


O tle o e etsetse moqhaka o bophara ba seatla o e kopang, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o potang moqhaka wa yona.


Manaka a yona e be ntho e le nngwe le yona. O e manehe ka kgauta e hlwekileng, kahodimo le kahohle mahlakoreng le manakeng; o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.


Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.


Ho tloha fatshe ho sedulo ho isa mothating o katlase, ho na le ditswe tse pedi, bophara bona bo le setswe se le seng; ho tloha mothating o monyenyane ho isa mothating o moholo, ho le ditswe tse nne, bophara bo le setswe se le seng.


O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.


Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa sebe, a a bee dikoseneng tsa monyako wa ntlo; le dintlheng tse nne tsa moqhaka wa aletare, le dikoseneng tsa monyako wa lebala le kahare.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ