Ezekiele 43:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE12 “Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.