Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mora motho, tshwantshetsa ntlo ya Iseraele ntlo eo, hore ba tle ba hlajwe ke dihlong ka baka la makgopo a bona, mme ba lekanye phetheho ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Wena ngwana motho, hlalosetsa Baiseraele tsa Tempele ena, dibe tsa bona di tle di ba hlabise dihlong. Etsa hore ba lekanye moralo wa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka morena wa Tire, o re ho yena: Morena Jehova o re: O ne o iponahaditse hoba o phethehile, o ne o tletse bohlale, o phethehile ka botle.


Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.


Ha ba ka hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, hlo o ba bontshe sebopeho sa ntlo, le mmopo wa yona, le moo ho tsuwang, le moo ho kenwang, le sebopeho sohle sa yona, le ditaelo tsohle tsa yona, le mmopo wohle wa yona, le melao yohle ya yona; o ngole tseo pela bona, hore ba boloke mmopo wa yona le ditaelo tsohle tsa yona, ba ye ka tsona.


Jehova a re ho nna: Mora motho, sekehetsa pelo ya hao, o bone ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao tsohle tseo ke o bolellang tsona tsa dikomelo tsa ntlo ya Jehova le tsa melao ya yona; o e sekehele pelo hore o hlokomele hohle ho kenang tlung, ka menyako yohle ya sehalalelo.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Ra re: Ha ekaba mehleng e tlang ba ka rialo ho rona le ho ditloholo tsa rona, re tla re: Bonang mohaho wa aletare ya Jehova eo bontata rona ba e entseng, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo, e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ