Yaba dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona, tsa tloha fatshe; ka di bona ha di etswa, le mabidi a bapile le tsona. Tsa ya ema monyakong wa botjhabela wa tempele ya Jehova, kganya ya Modimo wa Iseraele e le hodima tsona, nqa hodimo.
Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.
Yaba Jehova o re ho nna: Monyako oo o tla nne o kwalwe; o ke se ke wa bulwa, ha ho motho ya tla kena ka wona, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o kene ka wona; o tla nne o kwalwe.
Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.