Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 42:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A lekanya lerako ka nqa tse nne; e ne e le lerako le potang le bolelele bo tswe tse makgolo a mahlano, le bophara bo tswe tse makgolo a mahlano; lerako leo e le la ho arohanya sehalalelo le se sa halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 42:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


Ka letsatsi leo, ho tla binwa sefela sena naheng ya Juda: Re na le motse o matla, Modimo o re nea thuso, e be lerako le tshirelo ho rona.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.


Yaba ke bona lerako le potang ntlo kantle, mme letsohong la monna eo, ho ne ho na le thupa ya ho lekanya e ditswe tse tsheletseng, tswe se seng sa yona se ne se lekane le tswe se le seng sa tekanyo ya kgale se nang le seatla. A lekanya bophara ba lerako, e le thupa e le nngwe, le bophahamo ba lona, e le thupa e le nngwe.


A ntoo leba ka nqa bophirimela; a lekanya ka thupa e lekanyang sebaka sa ditswe tse makgolo a mahlano tsa thupa.


Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo.


Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.


Sehalalelo se tla arolelwa sebaka sa ditswe tse makgolo a mahlano ka bolelele, le tswe tse makgolo a mahlano ka bophara, baka se mahlakore a mane a lekanang, hammoho le sebaka se bophara bo tswe tse mashome a mahlano se potang kahohle.


Haele ditswe tse kete tse hlano tse setseng bophareng, ho tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ke tse sa halalelang, tsa ho etsa motse le matlo le metsana; motse o tla ba mahareng a naha eo.


Karolo yohle e arotsweng e tla ba bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano; le tla arola karolo e ajwang, e halalelang, e lekaneng mahlakoreng a mane a yona, hammoho le naha e tla ruwa ke motse.


hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;


Letsatsi la ho haha marako a hao le atametse; tsatsing leo, taelo ya ho o senya e tla tloswa.


haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.


Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ