Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 42:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Hang hoba baprista ba kene ka sebakeng se halalelang, ba ke ke ba tswela lebaleng le kantle, ho fihlela ba hlobola diaparo tseo ba sebeletsang ba di apere, hobane di a halalela. Ba tla apara diaparo tse ding ba eso ka ba atamela dibaka tseo setjhaba se leng ho tsona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 42:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Yaba o boela a ntlisa monyakong wa sehalalelo o kantle, o tadimileng ka nqa botjhabela; mme o ne o kwetswe.


Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.


Aarone o tla kena tenteng ya pokano, ho ya hlobola diaparo tsa lene tseo a neng a di apere ha a tla kena sehalalelong, mme a di tlohele teng;


o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.


Moshe a atametsa le bara ba Aarone; le bona a ba apesa dikojwana, a ba tlama ka dinyepa, mme a ba hokella dikatiba, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


a mo tlama ka senyepa, a mo apesa kobo, a mo apesa le efoda, eo a e tlamileng ka senyepa se homilweng se efoda eo a mo apesitseng yona.


Empa Jesu a re ho yena: Ya beang letsoho la hae mohomeng, mme a boela a hetla, ha a tshwanele mmuso wa Modimo.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ