Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 42:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, ka tsela e lebang ka nqa leboya, mme a nkisa dikamoreng tse mabapa le sebaka se feela, tse pela lerako ka nqa leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 42:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, a bala ditshiya tsa ditswe tse mashome a tsheletseng; mabapa le ditshiya, ho ne ho le lebala le teetseng monyako hare.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Jwale, monyako wa lebala le kantle, o lebileng ka nqa leboya, a lekanya bolelele ba wona le bophara ba wona;


Yaba o ntsamaisa ka nqa borwa; mme ka bona monyako ka nqa borwa; a lekanya ditshiya tsa wona le marako a wona ka tsona tekanyo tseo.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka monyako wa borwa, mme a lekanya monyako wa borwa ka tekanyo tsona tseo;


Yaba o nkenya tempeleng, mme a lekanya ditshiya, di le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwano, le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwana, ho lekana le bophara ba tabernakele;


Mme ho isa dikamoreng tse ding ho ne ho le sebaka se feela se tswe tse mashome a mabedi ho sika le ntlo yohle.


Bophara ba lerako la dikamore tse mahlakoreng, kantle, bo ne bo le tswe tse hlano, ho ntoo ba setupu sa dikamore tse mahlakoreng a ntlo.


Bophareng ba motero wa lebala, ka nqa botjhabela, pela sebaka se feela le pela lerako, dikamore di ne di le teng.


Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


Pela dikamore tseo, ho le sebaka sa ho tsamaya se bophara bo tswe tse leshome; kahare ho na le tsela e setswe se le seng; menyako yona e tadimile ka nqa leboya.


Empa, haele lebala le kantle ho tempele o le siye, o se ke wa le lekanya; hobane baditjhaba ba le neilwe, mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto, ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ