Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A lekanya bolelele bo kahare, bo le tswe tse mashome a mabedi, le bophara bo le tswe tse mashome a mabedi, ka pele ho tempele; yaba o re ho nna: Hoo ke sehalaledisiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 A metha Sehalalelo se kahare: Bolelele ba sona e ne e le dimethara tse leshome, le bophara e le dimethara tse leshome. Jwale a re ho nna: “Sena ke Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.


Boholo ba sehalaledisiso ya eba ditswe tse mashome a mabedi, bophara ba sona e le tswe tse mashome a mabedi, le bophahamo ba sona e le ditswe tse mashome a mabedi; a se maneha ka kgauta e hlwekileng; le aletare a e apesa ka dikedare.


A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle.


le dipitsana, le matlao, le mafiswana, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le mahokelo a kgauta a mamati a ntlo e hare, e leng sehalaledisiso, le a mamati a ntlo ya tempele.


Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.


A ntoo etsa ntlo ya sehalaledisiso; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bo lekane le bophara ba ntlo, bophara le bona e le ditswe tse mashome a mabedi; a e maneha ka kgauta e hlwekileng ya ditalenta tse makgolo a tsheletseng;


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.


Tempele yona le sehalaledisiso di ne di na le menyako e mmedi.


Motse o na le dikgutlo tse nne; bolelele ba wona bo lekana le bophara ba wona; ha o se o lekanntswe ka leqala, ha fihlelwa ho le stadia tse dikete tse leshome le metso e mmedi; bolelele, le bophara, le bophahamo ba wona bo a lekana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ