Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hape mahlakoreng a mathule, le dikamoreng tse mahlakoreng a ntlo, ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, tse nang le marulelonyana, le dipalema ka kwano le ka kwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ka mahlakoreng a lethule ho ne ho ena le difesetere tse tshesanyane, le ditshwantsho tsa difate tsa dipalema tse betlilweng ka lehlakoreng le leng le le leng. Dikamore tse kamathoko le tsona di ne di ena le lehong le tshekaladitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:26
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha eba le mathathamo a mararo a difensetere tse hlahelang kantle, tse tadimaneng ka boraro.


A ntoo etsa mathule a ditshiya; bolelele ba wona e le ditswe tse mashome a mahlano, le bophara e le ditswe tse mashome a mararo; mme ha eba mathulenyana pela wona, a ena le ditshiya le methatinyana pela wona.


Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.


Yaba o nkenya mathuleng a ntlo; mme a lekanya ditshiya tsa mathule, ho na le tswe tse hlano ka kwano le tswe tse hlano ka kwana; a lekanya le bophara ba monyako, ya eba ditswe tse tharo ka kwano le ditswe tse tharo ka kwana;


Yaba o lekanya bophara ba mathule a monyako, ya eba ditswe tse robileng meno e le mmedi; le ba ditshiya tsa wona, ya eba tswe tse pedi. Mathule a monyako a ne a lebane le ntlo.


Tempele e kahare, le mathule a pela lebala, le bohato ba menyako, le difensetere tse kwetsweng, le dikgorwana tse sikang le ntlo hlahlamanong ya tsona se tharo, mabapa le bohato ba menyako, di ne di manehilwe ka dipolanka ka nqa tsohle, le ho tloha fatshe ho isa difensetereng; difensetere tsona di ne di kwahetswe.


Yaba o lekanya lerako la ntlo, le ena le tswe tse tsheletseng, le bophara ba dikamore tse mahlakoreng bo etsa tswe tse nne ka nqa tsohle ho ntlo kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ