Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 aletare ya lehong, e bophahamo ba methara e le nngwe, bolelele le bophara bo lekana. Dihuku tsa yona, le fatshe ho yona, le mahlakore a yona, tsohle e ne e le tsa lehong. Monna eo a re ho nna: “Ena ke tafole e kapele ho Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:22
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Boholo ba sehalaledisiso ya eba ditswe tse mashome a mabedi, bophara ba sona e le tswe tse mashome a mabedi, le bophahamo ba sona e le ditswe tse mashome a mabedi; a se maneha ka kgauta e hlwekileng; le aletare a e apesa ka dikedare.


A maneha ntlo yohle ya kgauta, a ba a phetha ntlo yohle; le yona aletare yohle e pela sehalaledisiso, a e maneha ka kgauta.


Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;


Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,


Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.


Etlare ha Aarone a hoteditse dilampi mantsiboya, a tjhese dibano; e tla ba dibano tse sa feleng pela Jehova, melokong ya lona.


Bo hlabile dikgomo tsa jona, bo tswakile veine, bo tekile le tafole ya jona.


Morena ha a ntse a dutse tafoleng, nareda ya me e ntse e ntsha monko wa yona.


wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.


Bona ba tla kena sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa, ba boloke tseo ke di beileng.


O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng.


Empa lona, le a le hlompholla, ha le ntse le re: Tafole ya Jehova e ditshila, le se tswang ho yona ke sejo se nyatsehang.


Le hlahisa sejo se sebe aletareng ya ka, mme le re: Re o hlompholotse kang? Ke ha le re: Tafole ya Jehova e a nyatseha.


Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ