Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Tempele e kahare, le mathule a pela lebala, le bohato ba menyako, le difensetere tse kwetsweng, le dikgorwana tse sikang le ntlo hlahlamanong ya tsona se tharo, mabapa le bohato ba menyako, di ne di manehilwe ka dipolanka ka nqa tsohle, le ho tloha fatshe ho isa difensetereng; difensetere tsona di ne di kwahetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:16
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A sireletsa mabota a ntlo ka dipolanka tsa kedare, ho qala ka fatshe ho ntlo, ho isa sehlohlolong sa marako, a a sireletsa ka difate; le fatshe ho ntlo a kata ka dipolanka tsa kiprese.


A etsetsa ntlo difensetere tse haheleditsweng ka dithupa.


A ntoo kwahela ntlo e kgolo ka difate tsa dikiprese, a e maneha ka kgauta e hlwekileng, a e kgabisa ka dipalema le meqhaka.


Yaba metheo ya menyako ya tempele e sisinyeha ke lentswe la mohoo oo, mme tempele ya tlala mosi.


Jwale, kganya ya Jehova ya tloha mohatong wa monyako wa tempele, ya ema hodima dikerubime.


Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.


Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle, jwaloka difensetere tse ding. Bolelele ba monyako e ne e le tswe tse mashome a mahlano, bophara e le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.


Yaba o lekanya botopo ba moaho kapele ho sebaka se feela se kamora wona, le dikgorwana tsa wona, ka kwano le ka kwana, a fumana ditswe tse lekgolo.


Baka se hodimo ho monyako, ho tlisa bohareng ba ntlo le kantle ho yona, leboteng lohle la ntlo, kahare le kantle, se ne se kgabisitswe.


Mabapa le ditswe tse mashome a mabedi tsa lebala le kahare, le mabapa le mokato wa lebala le kantle, dikgorwana di ne di bapile le dikgorwana, dikamoreng tsa mela e meraro.


Hleka ho lona ke nako ya ho dula matlung a lona a manehilweng ka dipolanka, athe ntlo ena ke lesupi?


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ