Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba o lekanya botopo ba moaho kapele ho sebaka se feela se kamora wona, le dikgorwana tsa wona, ka kwano le ka kwana, a fumana ditswe tse lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 A metha bolelele ba mohaho o shebaneng le lebala le kamora Tempele, mmoho le mehohoma ya yona e ka lehlakoreng le leng le le leng: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Sehalalelo, le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le lethule le shebileng ka lebaleng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Difero tsa ntlo ya rona ke dikedare, mme maballo a rona ke dikiprese.


hlooho ya hao e phahamile, e tshwana le Karmele, mme thitsane ya hao eka purepera ya borena mahareng a letlowanyana le e tlamileng.


Mme moaho o neng o le pela sebaka se feela ka nqa bophirimela, o ne o le bophara bo tswe tse mashome a supileng; lerako la moaho oo le ne le le bophara bo tswe tse hlano kahohle, bolelele bo le tswe tse mashome a robileng mono o le mong.


A ntoo lekanya ntlo, bolelele ya eba tswe tse lekgolo; le sebaka se feela, le moaho, le marako a wona, ya eba bolelele bo tswe tse lekgolo;


a lekanya le bophara ba ntlo ka nqa ka pele, le ba sebaka se feela, ka nqa botjhabela, bo le tswe tse lekgolo.


Tempele e kahare, le mathule a pela lebala, le bohato ba menyako, le difensetere tse kwetsweng, le dikgorwana tse sikang le ntlo hlahlamanong ya tsona se tharo, mabapa le bohato ba menyako, di ne di manehilwe ka dipolanka ka nqa tsohle, le ho tloha fatshe ho isa difensetereng; difensetere tsona di ne di kwahetswe.


Baka se hodimo ho monyako, ho tlisa bohareng ba ntlo le kantle ho yona, leboteng lohle la ntlo, kahare le kantle, se ne se kgabisitswe.


Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, ka tsela e lebang ka nqa leboya, mme a nkisa dikamoreng tse mabapa le sebaka se feela, tse pela lerako ka nqa leboya.


Bophareng ba motero wa lebala, ka nqa botjhabela, pela sebaka se feela le pela lerako, dikamore di ne di le teng.


Eitse hobane a qete ho lekanya ditekanyo tsa ntlo e kahare, a nntsha ka monyako o lebileng ka nqa botjhabela, mme a lekanya lerako le potang kahohle.


Mabapa le ditswe tse mashome a mabedi tsa lebala le kahare, le mabapa le mokato wa lebala le kantle, dikgorwana di ne di bapile le dikgorwana, dikamoreng tsa mela e meraro.


Dikamore tse moleng o hodimo di ne di patisane, hobane dikgorwana di ne di ja sebaka se seholo sa moaho, ho ena le tsa mola o katlase le tsa o kahare.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ