Ezekiele 41:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Mme moaho o neng o le pela sebaka se feela ka nqa bophirimela, o ne o le bophara bo tswe tse mashome a supileng; lerako la moaho oo le ne le le bophara bo tswe tse hlano kahohle, bolelele bo le tswe tse mashome a robileng mono o le mong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE12 Bophara ba mohaho o shebaneng le lebala la Tempele ka lehlakoreng le ka bophirimela e ne e le dimethara tse mashome a mararo a metso e supileng le halofo. Morumo wa lerako la mohaho ona e ne e le dimethara tse pedi le halofo ho potoloha, mme bolelele ba lona e ne e le dimethara tse mashome a mane a metso e mehlano. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.