Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o nkenya tempeleng, mme a lekanya ditshiya, di le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwano, le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwana, ho lekana le bophara ba tabernakele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Monna eo a nto nkisa ka Sehalalelong, a metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le dimethara tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya be e se e le dilemo tse makgolo a mane a nang le mashome a robileng meno e le mmedi bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ha Salomone a qala ho haha ntlo ya Jehova, e le ka selemo sa bone sa ho busa ha hae Iseraeleng, ka kgwedi ya Sife, e leng kgwedi ya bobedi.


Ntlo eo morena Salomone a ileng a e hahela Jehova, bolelele ba yona ya eba ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse mashome a mararo.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Yaba o lekanya bophara ba mathule a monyako, ya eba ditswe tse robileng meno e le mmedi; le ba ditshiya tsa wona, ya eba tswe tse pedi. Mathule a monyako a ne a lebane le ntlo.


Tempele e ne e na le dikosene tse meetse e mene e lekaneng; mme ka pele ho sehalaledisiso ho ne ho na le ntho e kang aletare ya sefate,


Tempele yona le sehalaledisiso di ne di na le menyako e mmedi.


A kena kahare, a lekanya tshiya ya monyako, e le ditswe tse pedi; le monyako, e le tswe tse tsheletseng; le bophara ba monyako, bo le ditswe tse supileng.


Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, ka tsela e lebang ka nqa leboya, mme a nkisa dikamoreng tse mabapa le sebaka se feela, tse pela lerako ka nqa leboya.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ